DIKGOKA TSA BONG (GBV) DI AMA E MONG LE E MONG WA RONA.  

Ha se ntho e etsahalang feela ditjhabaneng tse itseng kapa e amang batho ba itseng feela.

Ditekanyetso tsa lefatshe ke hore mosadi a le mong ho ba bararo o kile a ba phofu ya mofuta o itseng wa dikgoka tsa bong(GBV). Sena se bolela hore bohle re na le mosadi kapa basadi metswalleng ya rona le ho bao re ba ratang ya kileng a kopana le mofuta o itseng wa tlhekefetso ya bonna, esitana le ha re eso elellwe seo.

RE KA FETOLA SENA.

Empa ha feela re utlwisisa hore se bakwa ke eng mme re nka mohato o nepahetseng.

Ha ho a lekana ho tlisa kelehloko feela mabapi le GBV. Mme ha ho a lekana feela ho bua kgahlanong le yona. Re hloka ho fetola tsela eo re etsang dintho ka yona. Ha ho moshanyana ya tswalwang e le mohlekefetsi, mmeti kapa ya hloileng basadi; ho na le ho senyehang tseleng ya hae ho tloha boshanyaneng ho isa bonneng. Ho utlwisisa leeto lena ke senotlolo sa ho tseba seo re lokelang ho se etsa ho hlola dikgoka kgahlanong le basadi.


Thuto ena e kgutshwane ya inthaneteng e hlalosa hore ke hobaneng ha dikgoka tsa bong di etsahala ka sekgahla se tshosang hakana mme e fana ka mehato e kgonehang eo monna le mosadi e mong le e mong ba ka e nkang ho di hlola. 

E KENYELETSA:

Dibopeho tse tsheletseng tsa sehlooho tseo GBV e di nkang
Mabaka a sehlooho a mane ao GBV e etsahalang ka ona
Mehato e mehlano eo monna e mong le e mong a ka e nkang ho thibela GBV
Dintho tse hlano tseo mosadi e mong le e mong a di etsang ho eketsa matla a hae twantshong ena

Ho yona o tla fumana tsela eo ka yona re ka hokellang matla a bonna bakeng sa ho fedisa GBV le kamoo banna le basadi ba ka sebetsang mmoho ho aha bokamoso bo bolokehileng le bo atlehileng.

MONGODI WA THUTO ENA

Craig Wilkinson ke mongodi wa Afrika Borwa ya rekisitseng dibuka tse ngata, rakgwebo wa setjhaba ya hapileng dikgau, sebui se kgothatsang le Ntate eo e leng Mokwetlisi. Ke yena ya qadileng ebile e le CEO ya Father a Nation (FAN), Mokgatlo o sa Sebeletseng Phaello(NPO) oo sepheo sa ona e leng ho tsosolosa le ho matlafatsa banna hore ba be bontate ba sebele, batataisi le mehlala setjhabeng. Tumelo ya hae ya hore ha re ka phekola banna, re ka phekola lefatshe, e entse hore diketekete tsa banna le malapa a bona ba anngwe ke mosebetsi wa FAN.

MOHOELETSI

Phetolelo ya Sesotho bakeng sa thuto ena e etswa ke Mampodi wa Phetoho, Mesh Kekana.



PITSO


Etsa khetho ea ho ingodisa: